Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 A boela a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo ntatae Hesekiya a neng a ile a di heletsa. A tsosa dialetare tsa Baale; a etsa setshwantsho sa Ashera, jwalokaha Akabe, kgosi ya Iseraele, a ne a ile a etsa; a kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, a di sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 21:3
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a atamela pela setjhaba sohle, a re: Le tla tenyetsehela ho le hokae ka nqa tse pedi? Ha Jehova e le Modimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng. Empa setjhaba ha se a ka sa mo araba letho.


Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


A ya ka mehlala ya ba ntlo ya Akabe, a etsa tse leng mpe mahlong a Jehova, jwaloka ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyallane le ba ntlo ya Akabe.


Na hase yena Esekiase eo, ya fedisitseng dinqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae na? Na ha a ka a laela Bajuda le ba Jerusalema, a re: Le tla kgumama pela aletare e le nngwe, le tjhese dibano ho yona?


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona,


Empa lona ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ya ka e halalelang, ba beelang Tosa tafole, ba tshellang Sefalabohoho seno se tswakilweng,


Hobane bana ba Juda ba entse bobe pela ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang ho yona, ba tle ba e silafatse.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


O se ke wa hloma diashera tsa sefate sefe le sefe pela aletare ya Jehova, Modimo wa hao, eo o tla iketsetsa yona.


Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;


leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;


hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ