Yaba Baesha, mora Akija, wa ntlo ya Issaskare, o a mo fetohela; mme Baesha a mmolaya Gibbethone wa Bafilesta; ke ha Nabathe le Baiseraele bohle ba futuhetse Gibbethone.
Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.
Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.
Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.
Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.