20 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse ntatae Manasse.
20 Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.
Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,
A ya le ka mehlala yohle eo ntatae a ileng ka yona, a sebeletsa ditshwantsho tse sebeleditsweng ke ntatae, a di kgumamela.
A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke bontatae.
Le yena a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke bontatae.
A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke Jojakime.
A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le kahohle kamoo ntatae a entseng kateng.
Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.
mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona.
Lona ba melala e thata, ba sa bollang dipelo le ditsebe, le hanela Moya o Halalelang kamehla; le tshwana le bontata lona.