Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 21:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Morena Jehova o re: Bona, kotsi, kotsi e bohloko e a tla;


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


ke re: Ke tsebile lona feela hara meloko yohle ya lefatshe; ka baka leo, ke tla le otla ka baka la makgopo a lona kaofela.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ