Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.
Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,
Jehova, Modimo wa bontata bona, a nna a romela ho bona ka manqosa a hae, a nna a a roma e sa le hosasa, hobane a ne a utlwela setjhaba sa hae le bodulo ba hae bohloko.
Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.
Wa nna wa iphapanya le bona ka lemo tse ngata, wa nna wa paka hara bona ka moya wa hao, wa bua le ka baporofeta ba hao; ba mpa ba se ke ba sekeha tsebe. Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a ditjhaba tsa mafatshe.