Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.


Esekiase a re: Ke ntho e nyenyane ha moriti o ka tlola tekanyo tse leshome; ho se ke ha eba jwalo, moriti o mpe o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome.


Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?


Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ