Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Esekiase o ne a itse ho Esaia: Pontsho e tla ba efe ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ke tla nyolohela tlung ya Jehova ka la boraro na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.


Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


Hape, Esaia a re: Nkang motoho wa difeiye. Ba o nka, ba o bea sesong, mme Esekiase a fola.


Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?


Esaia o na be a boletse hore ho tliswe motoho wa defeiye; yaba ba o bea sesong, mme o fola.


Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova?


Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.


Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).


Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.


Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.


Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.


Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ