Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 “Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:5
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.


Esaia o ne a eso ho tswe lebaleng le ka hare, ha lentswe la Jehova le mo fihlela, le re:


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


Ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa puso ya hae, a sa ntsane a le motjha, a qala ho batla Modimo wa Davida ntatae; mme ka lemo sa leshome le metso e mmedi, a qala ho hlwekisa Juda le Jerusalema ka ho tlosa dinqalo tse diphahameng, le diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng.


a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.


Ke o tsebisitse ditsela tsa ka, mme o nkutlwile; o nthute dikomelo tsa hao!


Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?


Ka letsatsi leo ke tlang ho bitsa ho wena, bao e leng dira ho nna ba tla suthela morao. Hoo ke ho tsebang, ke tseba hobane Modimo o na le nna.


Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.


Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.


Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova?


Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.


Kamora tseo, Jesu a mo fumana tempeleng, a re ho yena: Bona, o fodisitswe; o se ke wa hlola o etsa sebe, hore se sebe haholo ho sa pele se tle se se o hlahele.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ