Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Roboame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.


Haele taba tse ding tsa Abijame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Abijame le Jeroboame.


Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Asaria le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele taba tse ding tseo Akase a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.


Haele taba tse ding tsa Josiase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele taba tse ding tsa Jorame, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.


a rera le mahosana a hae le banna ba hae ba bahale, hore ho katwe mehlodi ya didiba tse kantle ho motse, mme ba mo dumela.


Hape, Esekiase a kata mohlodi o kahodimo wa metsi a Gihone, a a tsamaisa katlase ka nqa bophirimela ho motse wa Davida. Mme Esekiase a atleha mesebetsing yohle ya hae.


Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


Ha hla ha phutheha batho ba bangata, mme ba kata didiba tsohle le molatswana o neng a phalla hare ho naha, ba re: Na marena a Assiria, ekare a sa fihla, a ka hla a fumana metsi a mangata na?


Yaba ke fetela nqa monyakong wa Sediba, le letsheng la morena, empa ho ne ho se moo pelesa eo ke e palamileng e ka fetsang le teng.


Kapele ho eo, ha lokisa Nehemia, mora Asbuke, monga sekoto se seng sa setereke sa Bethe-Tsure, ho ya fihla mabitleng a Davida, le ho ya fihla letsheng le hahilweng, le ho ya fihla tlung ya bahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ