Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 ‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:17
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Esaia o re ho Esekiase: Utlwa lentswe la Jehova:


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ