Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.
A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.
Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.
Elisha a re: Utlwang lentswe la Jehova: Jehova o re: Hosasane, ha ho le jwale, tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shelele e le nngwe, mme tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shelele e le nngwe, kgorong ya Samaria.
Ha ba se ba ya fihla pheletsong ya motse, Samuele a re ho Saule: Laela mohlanka, a ke a re etelle pele — mme a ba etella pele — wena, o eme motsotso, ke tle ke o utlwise lentswe la Modimo.