Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tswa naheng e hole, Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tswa naheng e hole, ya Babilona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.


A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.


Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Modimo wa tla ho Balaame, wa re: Ana banna bao o nang le bona ha hao ke bomang na?


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Ba fihla ho Joshua diahelong tsa Gilgale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: Re tswa naheng e hole; hlabang selekane le rona jwale.


Ba re ho yena: Bahlanka ba hao ba tswa naheng e holehole, ka baka la lebitso la Jehova, Modimo wa hao; etswe re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ