Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Esekiase a mamela taba tsa ba romilweng, a ba a ba bontsha ntlo ya hae yohle ya matlotlo, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole e nkgang hamonate, le ntlo ya dihlomo tsa hae, le tsohle tse ka bonwang dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba ntho eo Esekiase a sa kang a ba bontsha yona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo nea morena ditalenta tse lekgolo le mashome a mabedi tsa kgauta, le dibano tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa; ha ho a ka ha hlola ho tliswa le ka mohla o le mong dibano tse ngata tse ka ka tsee mofumahadi wa Sheba a di neileng morena Salomone.


ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, le e bapatswang ke barekisi, le e tswang ho marena wohle a Arabia le ho babusisi ba naha ya hae.


A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


E mong le e mong o ne a tlisa mpho ya hae ya dipitsa tsa silefera, le dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le diesele. E bile taba tsa lemo se seng le se seng.


Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tswa naheng e hole, Babilona.


A re: Ba boneng ka tlung ya hao? Esekiase a re: Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka; ha ho ntho le e nngwe eo ke sa kang ka ba bontsha yona dipolokelong tsa ka.


Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.


Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ