Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 20:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Esekiase a re: Ke ntho e nyenyane ha moriti o ka tlola tekanyo tse leshome; ho se ke ha eba jwalo, moriti o mpe o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 20:10
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yena a re: O kopile ntho e thata; empa ha o ka mpona ha ke tloswa ho wena, ho tla ba jwalo ho wena; ha o sa mpone, ho ke ke ha eba jwalo.


Ebile moporofeta Esaia o bitsa ho Jehova, mme a kgutlisetsa moriti kasanthao ka tekanyo tse leshome letlapeng la dinako la Akase, moo o neng o tsamaya teng.


Esaia a re: Seo e tla ba pontsho ya Jehova ho wena ya hore Jehova o tla etsa taba eo a e boletseng ke sena: hleka o re, moriti o ye pele ka tekanyo tse leshome, kapa o kgutlele kasanthao ka tekanyo tse leshome na?


E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.


O re: Ke ntho e nyenyane hore o be mohlanka wa ka, ho tsosa meloko ya Jakobo, le ho kgutlisetsa masala a setseng a Iseraele. Ke bile ke o beile lesedi la ditjhaba, o tle o be poloko ya ka ho isa pheletsong ya lefatshe.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


Mme letsatsi la ema, le kgwedi ya ema, ho fihlela setjhaba ha se ipheteditse ho dira tsa sona. Ha ke re, hoo ho ngodilwe bukeng ya Ya lokileng na? Letsatsi la ema sebakeng sa lehodimo, mme ha le a ka la phakisa ho dikela, ya batla e eba letsatsi le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ