Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.” Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.


Dithapelo tsa Davida, mora Jese, di fella moo.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.


Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.


Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.


Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.


Hara dineo tseo, a le keng le tjhesehelleng tse fetisang ka molemo; empa ke sa tla le bontsha tsela e fetisisang.


a mpe a tiise boholo ba mora wa ya hloilweng ka ho mo nea kabelo tse pedi tsa dintho tsohle tsa hae, hobane ke yena sehlooho sa bonna ba hae; tokelo ya letsibolo ke ya hae.


Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Baholo ba disang hantle ba ke ba balwe hoba ba tshwanelwa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ