Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na?


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Ebile e mong wa bara ba baporofeta o re ho molekana hae, ka taelo ya Jehova: Ako nkotle. Motho eo a hana ho mo otla.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.


Empa ba mo phehella, a ba a swaba, a re: Le ka romela. Ba roma banna ba mashome a mahlano, ba batla ka tshiu tse tharo, ba se ke ba mmona.


Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.


Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.


Yaba moporofeta Elisha o bitsa e mong wa bara ba baporofeta, a re ho yena: Itlame letheka, o nke lenaka la ole letsohong la hao, o ye Ramothe-Gileade.


Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ