Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba o tloha teng, a ya Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswa hae, ba mo soma, ba re ho yena: Lefatla towe, nyoloha! lefatla towe, nyoloha!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:23
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Sara a bona mora wa Agare, Moegepeta, eo Agare a mo tswaletseng Abrahama, a ntse a tsheha.


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.


Metsi a phekolwa jwalo, ho fihlela kajeno, ka polelo eo Elisha a e boletseng.


Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Esita le bana ba nnyedisa le bona; ha ke re ke a tsoha, ba bua hodima ka.


Mme jwale, ke sesomo ho ba banyenyane ho nna, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bontata bona hara dintja tsa mehlape ya ka.


Jehova, ke se ke ka swaba, hobane ke bitsa ho wena! Ho ke ho swabe bakgopo, ba be ba kgutse nqalong ya bafu.


O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!


Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Esita le moshanyana o itsebahatsa ka diketso tsa hae, ha metsamao ya hae e tla ba metle, e loke.


Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona.


Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.


leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!


Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.


Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.


Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.


Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.


Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Bethele o tla le hlahisetsa kotsi tseo ka baka la bolotsana ba lona bo fetisisang. Kameso, morena wa Iseraele o tla fediswa ruri.


Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Ekare ha hlooho ya motho e phumuhile, ke lefatla: o hlwekile.


Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe.


Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.


Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ