Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.


Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.


Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae?


Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, Modimo o utlwang. Ke tla ya neneng, ke be ke itlhahise pela Modimo?


Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;


Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ