Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:13
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia o tloha moo, a fihlela Elisha, mora Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e mmedi, a le pela joko ya leshome le metso e mmedi. Elia, ha a mo feta, a akgela kobo ya hae hodima hae.


Morena Salomone a haha sehlopha sa dikepe Etsione-Gebere, e pela Elothe, lebopong la Lewatle le Lefubedu, naheng ya Edomo.


Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.


A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.


Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.


Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —


Saule a re ho yena: O bopehile jwang? Mosadi a re: Ke motho wa leqheku ya nyolohang; hape o apere kobo. Kahoo, Saule a tseba hobane ke Samuele; ka baka leo, a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ