Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:12
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka.


Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.


Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?


esita le ya sa hlokeng molato o tla mo namolela ka baka la bosweu ba matsoho a hao!


Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe.


Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?


Bohlale bo nea ya bohlale matla, ho ena le balaodi ba leshome ba ka motseng.


Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,


Ekaba mohlomong, Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Eitse hobane Morena a bue le bona jwalo, a nkelwa lehodimong, mme a dula letsohong le letona la Modimo.


Eitse hobane mangeloi a ba tlohele ho kgutlela lehodimong, badisa ba buisana, ba re: A re hle re yeng Bethlehema, re tle re bone taba eo e hlahileng teng, eo Morena a re tsebisitseng yona.


A re a sa ba hlohonolofatsa, a kgaohana le bona, a nyolosetswa lehodimong.


Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.


Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.


Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.


Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo;


Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.


Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo.


Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.


Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ