Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 2:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Henoke a tsamaya le Modimo; mme a ba siyo, hobane Modimo wa na wa mo nka.


Athe, etlare ke sa tloha ho wena, moya wa Jehova o tla o isa moo ke sa tsebeng; jwale ha ke eya, ke tsebisa Akabe, mme a sa o fumane, o tla mpolaya; athe nna, ke leng mohlanka wa hao, ke tshaba Jehova, esale le botjheng ba ka.


Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.


Ha e le taba tse ding tsa Akasia, le tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ho phela ha marena a Iseraele?


Ba re ba ntse ba tsamaya, ba bua, babona koloi ya mollo le dipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babedi, mme Elia a nyolehela mahodimong ka setsokotsane.


Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.


Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:


Yare matsatsi ao a tla nkelwa kganyeng ka wona ha a ntse a atamela, a itiisa ho ya Jerusalema.


Yare hobane a bolele taba tseo, a nyoloswa ba ntse ba mo tadimile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Ka tumelo, Henoke o nkilwe hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo nkile; mme enere a eso ho nkwe, o pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.


Ke oo mokgwa oo setjhaba se tswileng hara Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele, mme ba emisa Gilgale, ka nqa botjhabela ho Jeriko.


Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.


Mme ba utlwa lentswe le matla le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Ba fela ba nyolohela lehodimong ka leru, ba ntse ba bonwa ke dira tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ