Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ka makoloi a ka a mangata, ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Libanone; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: “Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.


Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba di kallang!


Ekaba Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe wohle a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


A ba a ngola mangolo a hlapaolang Jehova, Modimo wa Iseraele, a mo nyefolang, a reng: Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa mafatshe a mang e sitilwe ho namolela ditjhaba tsa yona matsohong a ka, ka mokgwa o jwalo, Modimo wa Esekiase o tla sitwa ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka.


Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;


bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.


Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etswe ke hlalefile, ke suthisitse meedi ya ditjhaba, ke ikgapetse matlotlo a tsona, mme jwaloka mohale ke rapaladitse ba dutseng diteroneng.


Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla.


O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.


la iphahamisa ho isa ho morena wa makgotla ao, la mo amoha sehlabelo sa kamehla, mme moaho wa sehalalelo sa hae wa ripitlwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ