Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Oho, Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba le mafatshe a tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Haele ho namolela, hleka o mong o teng wa medimo ya ditjhaba o namoletseng lefatshe la wona matsohong a morena wa Assiria na?


Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.


a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.


Ntlo yohle ya Akabe e tla timela, ke timetse ba Akabe ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang ba Iseraeleng.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Ke tseba ruri hobane ho dutse jwalo; motho ya shwang a ka loka jwang pela Modimo?


Jehova wa makgotla o boletse tsebeng tsa ka, a re: Ruri, matlo ao a mangata a tla fetoha dithako, matlo ao a matle a maholo a hloke ba tla phela teng.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.


Ha ya motsotso o kang wa hora e le nngwe, e mong a omela, a re: Kannete le enwa o ne a na le yena; hobane ke Mogalelea.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ