Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re: Modimo wa hao oo o o tshepileng o se ke wa o thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 19:10
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.


A itshepela Jehova, Modimo wa Iseraele; hara marena wohle a Juda a bileng teng kamorao ho yena leha e le kapele ho yena, ha ho a ka ha eba ya tshwanang le yena.


Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng mafatsheng wohle, ka ho a timetsa. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?


Teng, a utlwa ha ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tlohile hae, a tle a o lwantshe. Yaba o boela a romela manqosa ho Esekiase, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ