Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A hlola Bafilesta ho fihlela Gasa le mathoko a teng, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 A hlola Bafilesita ho ya fihla Gasa, a hapa metse le metsana yohle ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:8
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele nna, Jehova, Modimo wa ka, o mphomoditse ka nqa tsohle; ha ho sera le matsoso.


Bana ba Iseraele ba etsa ka sephiring ditaba tse sa kang tsa eba ntle ho Jehova, Modimo wa bona, ba ikgahela nqalo tse diphahameng metseng yohle ya bona, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.


Bao ba tswang ho thonngwa ka mabitso a bona ba ne ba tlile moo mehleng ya Esekiase, morena wa Juda; ba ne ba timeditse ditente tsa bona, le Bameunime, mme ba ba neela anathema; le kajeno ho ntse ho le jwalo; ba aha tulong tsa bona; hobane teng ho ne ho na le makgulo a mehlape ya bona.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.


Haele Baavvime ba neng ba ahile metebong ho ya fihla Gasa, Bakaftorime ba tswileng Kaftore, ba ba fedisa, ba ba ba aha tulong tsa bona.]


Ashdode, le metse ya teng le metsana ya yona; Gasa le metse ya teng le metsana ya yona, ho isa molapong wa Egepeta le Lewatleng le Leholo, lebopong la lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ