Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A itshepela Jehova, Modimo wa Iseraele; hara marena wohle a Juda a bileng teng kamorao ho yena leha e le kapele ho yena, ha ho a ka ha eba ya tshwanang le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rabshake a re ho bona: Ereng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria. Seo o se tshepileng keng?


Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re: Modimo wa hao oo o o tshepileng o se ke wa o thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.


Le pele, ha ho a ka ha eba morena ya jwaloka yena, ya sokolohetseng ho Jehova ke pelo yohle ya hae, le ka moya wohle wa hae, le ka matla wohle a hae, ho etsa le ka tsohle tsa molao wa Moshe; le kamorao, ha ho a ka ha hlaha ya jwaloka yena.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Kamora tseo, Josafate, morena wa Juda, a ikopanya le Akasia, morena wa Iseraele, ya neng a phela ka bokgopo;


Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Leha o ka re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena, na?


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ