2 Marena 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo). အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE4 A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.
Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.
Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.