Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:37
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,


Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;


Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.


Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.


Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.


Eitse hobane morena a utlwe taba tse bukeng ya molao, a hahola diaparo tsa hae.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Eitse hobane morena wa Iseraele a bale lengolo leo, a hahola diaparo tsa hae, a re: Na ke nna Modimo, nka tsebang ho bolaya le ho pholosa, ha eo a rometse ho nna hore ke fodise motho lepera la hae na? Le tsebe kahoo, mme le bone hobane o batla lebaka la phapang le nna.


Morena ha a utlwa taba tsa mosadi, a hahola diaparo tsa hae, a tsamaela pele hodima lerako; mme ha batho ba tadima, ba bona a apere lesela le mahwashe mmeleng wa hae kahare.


Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.


Eitse ha ke utlwa lentswe leo, ka hahola kobo ya ka le kojwana, ka hlotha moriri wa hlooho ya ka le ditedu tsa ka, mme ka dula fatshe ke tshohile.


Yaba Jobo o a ema, a hahola kobo ya hae, a ipeola hlooho, a itihela fatshe, a kgumama, a re:


Ka tsatsi leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime, mora wa Hilkia;


Bonang, bahale ba bona ba bokolla kantle; manqosa a kgotso a lla habohloko.


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ