2 Marena 18:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)35 Ke efe ho medimo yohle ya mafatshe ao e namoletseng mafatshe a yona matsohong a ka, ha ho thwe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka? အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE35 Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!
Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?