Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Rabshake a re ho bona: Ana o re, monga ka o nthometse ho wena le ho monga hao feela ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hoba ba tla be ba je masepa a bona, mme ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.


Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.


Ebile moo Rabshake a emang, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a bolela, a re: Utlwang taba ya morena e moholo, morena wa Assiria.


Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Ke basomi, ke ba bolotsana, ba bolela ho tuba; ba bua ka puo tse phahameng.


Rabshake a re: Ana o re, monga ka o nthometse ho monga hao le ho wena feela, ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hore ba tla be ba je masepa a bona, ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?


Leleme la lesea le kgomarela lehanong la hae ke lenyora; ba banyenyane ba kopa bohobe, mme ha ho ya ba ngwathelang bona.


Ba neng ba eja menate ba timela mapatlelong; ba neng ba phuthilwe ka purepera ba paqamile dithotobolong.


Jehova o re: Bana ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo silafetse jwalo hara ditjhaba tseo ke tla ba lelekisetsa hara tsona.


Yaba o re ho nna: Bona, ke o neile boloko ba kgomo bakeng sa masepa a motho; o tle o bese bohobe ba hao ka jona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ