Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, le Shebena, le Jowa, ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:26
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.


Rabshake a re ho bona: Ana o re, monga ka o nthometse ho wena le ho monga hao feela ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hoba ba tla be ba je masepa a bona, mme ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?


Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.


Hape, mehleng ya Artakserksese, Bishlame, le Mithredathe, le Thabeele, le balekane ba bang ba bona, ba ngolla Artakserksese, morena wa Persia; lengolo le ne le ngodilwe ka dihlaku tsa Searame, hape le ngodilwe ka puo oa Searame.


Morena, Jehova wa makgotla, o boletse, a re: Tloha, o ye ho mmoloki wa leruo, ho Shebna, qhoku ya ntlo ya borena, o re ho yena:


Bakalde ba re ho morena ka puo ya Sesiria: Morena, o fele o phele ka ho sa feleng! Bolella bahlanka ba hao toro, mme re tla o tsebisa kwahollo ya yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ