Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.


Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:


Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.


Ho madimabe bana ba ithatafatsang, ho bolela Jehova, ba rerang taba, empa e seng ka nna, ba etsang dilekane, empa e seng ka moya wa ka, ba tle ba eketse sebe hodima sebe;


Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.


Bona, o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye; Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.


Teng, ba howeletsa, ba re: Faro, morena wa Egepeta, ke lefeela; nako ya hae ya ho sebetsa e fetile.


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ