Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Hesekiya, kgosi ya Juda, a romela molaetsa Lakishe, ho kgosi ya Asiria, a re: “Ke sitilwe; ke a o kopa: Ako kgaotse ho mphutuhela, mme ke tla ntsha lekgetho leo o le batlang.” Kgosi ya Asiria ya re ho kgosi ya Juda e ntshe lekgetho la silefera e boima ba dikilo tsa dikete tse leshome, le kgauta e boima ba dikilo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Iseraele a re: Ho jwalokaha o boletse, morena, monga ka; ke wa hao le tsohle tseo ke nang le tsona.


Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.


Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.


Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.


Ha ho se jwalo, eo ha a sa le hole, a ka roma manqosa ho yena ho ya botsa tsa kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ