Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:7
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Modimo wa hae, jwaloka Davida ntatae.


bao Jehova a neng a entse selekane le bona, a ba laetse, a re: Le se ke la tshaba medimo esele, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, leha e le ho e hlabela.


Ba kwenehela Modimo wa bontata bona, mme ba latela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo o neng o di timeditse pela bona.


Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba ikgantsha, ba o fetohela; ba lahlela molao wa hao kamora mekokotlo ya bona; ba bolaya baporofeta ba hao ba neng ba paka hara bona, ba reng ba ba sokollela ho wena, mme ba nna ba o phephetsa haholo.


O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


lona ba tjhesehelang ditshwantsho katlasa sefate se seng le se seng se mahlaku, ba etsang mahlabelo ka bana dikgohlong le mafarung a mafika?


Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.


Ke ba entse ka ditshila tsa bona le ka meikgantsho ya bona, ka ba patela sefahleho sa ka ke hona.


Efraime o halefisitse Jehova hampe; o tla mmolokela melato ya hae ya madi, Morena wa hae a busetse ho tlotlolla ha hae ho yena.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ