Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Haele ditshwanelo, le mekgwa, le molao, le taelo tseo a le ngoletseng tsona, le di boloke, le ye ka tsona kamehla; le se ke la tshaba medimo esele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Kamehla yohle le boloke ditaelo le melao eo a le ngoletseng yona, mme le se ke la hlompha medimo e meng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:37
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le selekane seo ke se hlabileng le lona, le se ke la se lebala, mme le se ke la tshaba medimo esele.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Le boloke jwalo melao ya ka kaofela, le ditaelo tsa ka kaofela, mme le ye ka tsona. Ke nna Jehova.


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


ha Baiseraele bohle ba tlile ho itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e khetha, o tla bala molao ona pela Baiseraele kaofela, ba tle ba o utlwe.


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.


Empa haele wena, dula mona, le nna ke tle ke o bolelle ditaelo tsohle, le melao, le dikahlolo tseo o tla ba ruta tsona, ba tle ba etse ka tsona lefatsheng leo ke ba neang lona ho le rua.


Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ