Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Empa haele Jehova ya le nyolotseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le otlolohileng, yena le mo tshabe, le mo kgumamele, le mo hlabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Empa le hlomphe Morena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka matla a maholo, le ka letsoho le otlolohileng. Le kgumamele yena, mme le etsetse yena mahlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:36
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;


Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.


Ka seatla se matla le ka letsoho le otlolohileng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Jehova a re ho Moshe: O ntse o howelletsang ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


Hobane hojane ke otlolotse letsoho la ka, ka o otla, wena le setjhaba sa hao, ka lefu le akaretsang, o ka be o timetse lefatsheng.


O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.


O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Mme o otlolle letsoho la hao ho fodisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


o iponele hore o se lebale Jehova ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ