Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 bao Jehova a neng a entse selekane le bona, a ba laetse, a re: Le se ke la tshaba medimo esele, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, leha e le ho e hlabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:35
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.


O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.


Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.


le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa le ho e kgumamela, le se ke la mphephetsa ka diketso tsa matsoho a lona, mme etlaba ha ke na ho le hlahisetsa bobe.


Jehova, Modimo wa rona, o entse selekane le rona Horebe.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Le se ke la latela medimo esele, medimo ya ditjhaba tse ahileng kamathoko ho lona;


Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.


Le se ke la kopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bolela mabitso a medimo ya tsona, le se ke la ana ka yona, le se ke la e sebeletsa, le se ke la inama pela yona.


mme ka re ho lona: Ke nna Jehova, Modimo wa lona, le se ke la tshaba medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ