Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:34
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele).


Mme Modimo wa re ho yena: Lebitso la hao o Jakobo, kajeno lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele. Mme wa mo rea lebitso la Iseraele.


A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.


Jwale, o bolela, o re: Eya ho monga hao, o re: Elia ke enwa.


Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ka palo ya meloko ya bara ba Jakobo, eo lentswe la Jehova le neng le tlile ho yena, la re: Lebitso la hao e tla ba Iseraele.


Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.


Ba tshaba Jehova jwalo, ba sebeletsa le medimo ya bona ka mokgwa wa ditjhaba tseo ba neng ba tlositswe hara tsona.


Leha ho le jwalo, ha ba ka ba utlwa, empa ba entse ka mekgwa ya bona ya pele.


Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.


Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ