Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba tshaba Jehova jwalo, ba nna ba iketsetsa baprista ba nqalo tse diphahameng, bao ba ikgethetseng bona hara bona, ya eba bona ba ba hlabelang matlung a nqalong tse diphahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:32
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa matlo nqalong tse phahameng, a bea ba bang baprista hara setjhaba sohle, bao e seng bana ba Levi.


A hlaba mahlabelo aletareng eo a e entseng Bethele ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya boroba meno e le mmedi, e leng kgwedi eo a e hopotseng e le yena, mme a etsetsa bana ba Iseraele mokete, a hlaba mahlabelo aletareng, a tjhesa le dibano.


Eitse hobane ba mo pate, a bolella bara ba hae, a re: Mohla ke shwang, le tle le mpate lebitleng leo monna wa Modimo a patilweng ho lona; le bee masapo a ka haufi le masapo a hae.


Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng.


Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.


Leha ho le jwalo, setjhaba se seng le se seng sa nna sa iketsetsa medimo ya sona, sa e emisa nqalong tse diphahameng tse neng di entswe ke Basamaria, setjhaba se seng le se seng sa e bea metseng eo se ahileng ho yona.


Ba tshaba Jehova jwalo, ba sebeletsa le medimo ya bona ka mokgwa wa ditjhaba tseo ba neng ba tlositswe hara tsona.


Haele ditjhaba tseo, tsa tshaba Jehova jwalo, tsa mpa tsa sebeletsa le ditshwantsho tsa bona; le bana ba bona le ditloholo tsa bona ba ntse ba etsa le kajeno jwalokaha ho nnile ha etsa bontata bona.


Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.


tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ