Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Bana ba Iseraele ba etsa dibe tsohle tseo Jeroboame a ileng a di etsa, ba se ke ba di tlohela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, haele dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, Jehu ha a ka a di kgeloha, e le manamane a kgauta a Bethele le Dane.


Empa Jehu ha a ka a tiisa ho tsamaya molaong wa Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, a se ke a kgeloha dibe tseo Jeroboame a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.


Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.


Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Bana ba Dane ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora Gershone, mora Moshe, le bara ba hae, ya eba baprista ba leloko la Dane, ho fihlela mohla ba naha eo ba iswang kgolehong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ