Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, Jehova a halefela Baiseraele haholo, a ba tlosa pela mahlo a hae, ho se ke ha sala letho, haese leloko la Juda le nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:18
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.


Yena o tla sala le leloko le le leng, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona hara metse yohle ya meloko ya Iseraele.


Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Yare Baiseraele bohle ha ba utlwa hore Jeroboame o boile, ba romela ho mmiletsa phuthehong; teng, ba mmea morena wa Baiseraele bohle, ho se leloko le latetseng ntlo ya Davida, haese la Juda le nnotshi.


Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Ke tla furalla masala a lefa la ka, ke a neele matsohong a bao e leng dira ho wona, hore a fetohe tlatlapo le kgapo pela bohle bao e leng dira ho wona;


Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


Efela kannete ke ka taelo ya Jehova taba ena e hlahetseng Juda, e le hore a mo tlose pela hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manasse a di entseng;


Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Ha eba jwalo ka baka la bohale ba Jehova, bo neng bo tuketse Jerusalema le Juda, hore a ba lahle pontsheng ya hae. Mme Tsedekia a kwenehela morena wa Babilona.


ke le lahle, le tle le tloswe pela ka, jwalokaha ke setse ke lahlile banababo lona bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.


Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.


Popelong ya mmae o ile a tshwara ngwanabo ka serethe, le boholong ba hae o kile a betana le Modimo.


Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.


mme o itse: Ke tla ba patela sefahleho sa ka, mme ke tla bona qetello ya bona hore na e tla ba eng? Hobane ke mofuta o kgelohileng, ke bana ba ke keng ba tshepjwa.


le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.


Ka baka lena, jwalokaha ntho tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a neng a le baletse tsona, di le hlahetse, ka mokgwa o jwalo, Jehova o tla le hlahisetsa le ntho tsohle tse mpe, a be a le timetse lefatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le fileng lona.


Bana ba Dane ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora Gershone, mora Moshe, le bara ba hae, ya eba baprista ba leloko la Dane, ho fihlela mohla ba naha eo ba iswang kgolehong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ