Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.


Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,


Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.


ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.


Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.


Le tla fedisisa nqalo tsohle tseo ditjhaba tseo le yang ho di falatsa ha tsona di sebeleditseng medimo ya tsona teng, dithabeng tse telele, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.


Ba o bouledisitse ka medimo esele, ba o halefisitse ka manyala.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ