Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Akase o romela manqosa ho Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a re: Ke mohlanka wa hao le mora hao; tloo, o nnamolele matsohong a morena wa Siria le matsohong a morena wa Iseraele, ba ntsohetseng matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Akase a romela maqosa ho Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a re: “Nna ke mohlanka wa hao, le mora wa hao. Tloo, o tlo nnamolela matsohong a kgosi tsa Arame le Iseraele, tse mphutuhetseng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa Iseraele a re: Ho jwalokaha o boletse, morena, monga ka; ke wa hao le tsohle tseo ke nang le tsona.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.


Mohlang oo, morena Akase a romela ho marena a Assiria hore a mo tlatse.


Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.


Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.


O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?


Jehova o re: Ho rohakilwe motho ya itshepelang motho, ya etsang nama matla a hae, eo pelo ya hae e furaletseng Jehova.


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


O mpa o sa ka wa kgolwa ke tseo, wa boela wa boka le bana ba Assiria; le teng, leha o ba bokile, ha o a ka wa kgolwa.


A ya, a rata bana ba Assiria haholo, e le babusisi le mahosana a neng a haisane le yena, e le ba apereng tsa bokgabane, bapalami ba kaletseng dipere, bahlankana ba ratehang kaofela ha bona.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ