Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Modimo wa hae, jwaloka Davida ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tsamaya dibeng tsohle tse entsweng ke ntatae pele, pelo ya hae yohle e se ya Jehova, Modimo wa hae, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


Hape, ha o tsamaya tseleng tsa ka, o boloka taelo tsa ka le melao ya ka, kamoo ntatao Davida a tsamaileng kateng, ke tla atisa matsatsi a hao.


Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka tsohle tse entsweng ke ntatae Amatsia.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a etsa ka tsohle tse entsweng ke ntatae Osiase.


Ka selemo sa boraro sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Esekiase, mora Akase, morena wa Juda, a qala ho busa.


A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova, le ka tsohle tse entsweng ke Davida ntatae.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Davida ntatae kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ