Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.


Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.


Jwale, morena Akase a bolaya mahlakore a didulwana, a tlosa merifi e hodima tsona; a theosa le letsha kgomong tsa koporo tse tlasa lona, a le bea hodima sebotoboto sa majwe.


Hape, a haha dialetare ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse ha a re: Ke tla bea lebitso la ka Jerusalema.


A haha dialetare le ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse, ka ho re: Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.


Yaba ke bitsa dipaki tse tshepehang, e leng moprista Uria le Sakaria, mora wa Jeberekia.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ