Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.


A tjhesa setjheso sa hae le nyehelo ya hae, a tshollela le ditshelo tsa hae teng, mme a fafatsa aletare ka madi a mahlabelo a hae, a teboho.


Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.


Haele aletare ya koporo e neng e entswe ke Betsaleele, mora Uri, mora Hure, le yona e ne e beilwe pela tabernakele ya Jehova. Salomone le phutheho ba batla Jehova.


Hape, re boetse re lokisitse, mme re halaleditse mesebetsi yohle eo morena Akase a neng a e silafaditse, ha a sa busa, mohla a sitelwang Jehova; bona, e pela aletare ya Jehova.


Yaba o etsa aletare ya koporo; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse leshome.


O tla etsa aletare ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be tswe tse hlano, bophara ba yona e be tswe tse hlano. Aletare e be le mahlakore a mane a lekanang, mme bophahamo ba yona e be tswe tse hlano.


Dintlheng tse nne tsa aletare o tle o etse dinaka; naka tseo di tswe ho yona, mme o tle o e manehe ka koporo.


Aletare ya ditjheso yona a e bea monyakong wa tabernakele ya tente ya pokano, a hlahisa teng mahlabelo a ditjheso le nyehelo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Aletare ya ditjheso yona o tla e bea pela monyako wa tabernakele ya tente ya pokano.


Enereha ba bea mohato wa monyako wa bona mabapa le wa ka, le kosene ya bona mabapa le ya ka, ho le lerako feela le ba arohantseng le nna, ba ne ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka manyala a bona ao ba a etsang; ka ba ka ba timetsa kgalefong ya ka.


madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ