Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Akase a ya Damaseka, a tle a kopane le Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a bona aletare e Damaseka; yaba morena Akase o romela ho moprista Uria setshwantsho sa aletare le mokgwa wohle oo e entsweng ka wona.


Morena, ha a kgutlile Damaseka, a bona aletare; mme morena a atamela pela aletare, a hlaba mahlabelo hodima yona.


Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.


Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.


Hape, a haha dialetare ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse ha a re: Ke tla bea lebitso la ka Jerusalema.


A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.


A haha dialetare le ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse, ka ho re: Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.


Yaba ke bitsa dipaki tse tshepehang, e leng moprista Uria le Sakaria, mora wa Jeberekia.


Hobane haele baporofeta le baprista ke banyefodi, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ya ka, ho bolela Jehova.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.


Setjhaba sa ka se fela ke ho hloka tsebo. Wena, kahobane o nyedisitse tsebo, ke tla o nyedisa, o se hlole o eba moprista wa ka; kahobane o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna ke tla lebala bara ba hao.


Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;


Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ