Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Sakaria, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka kgwedi tse tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.


Mme setjhaba sohle sa Juda sa nka Asaria, a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.


Yaba Jeroboame o orohela ho bontatae, ho marena a Iseraele, mme Sakaria mora hae ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa Jeroboame, morena wa Iseraele, Asaria, mora Amatsia, morena wa Juda, a qala ho busa.


Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Asaria, morena wa Juda, Menaheme, mora Gadi, a qala ho busa Iseraele, a busa ka dilemo tse leshome Samaria.


Ka selemo sa mashome a mahlano sa Asaria, morena wa Juda, Pekakia, mora Menaheme, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse pedi.


Yaba Asaria o orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.


Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.


Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Jisreele, hobane ho se ho se hokae, ke tla otla ntlo ya Jehu, ka baka la madi a tsholotsweng Jisreele, ke be ke fedise mmuso wa ntlo ya Iseraele;


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ