Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:5
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


O nee ke hona mohlanka wa hao pelo e kelello ya ho ahlolela setjhaba sa hao, ke tle ke tsebe ho kgetha botle le bobe. Hobane ke mang ya ka ahlolelang setjhaba sa hao se sekakale?


Ka selemo sa bobedi sa Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, a qala ho busa.


Haele taba tse ding tsa Asaria le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?


mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,


Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.


Ke lona lentswe la Jehova le neng le tlele Hosea, mora Beeri, mehleng ya Osiase, le Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele.


O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Mikea wa Moreshethe, mehleng ya Jothame, le Akase, le Esekiase, marena a Juda, e leng tseo a di boneng hodima Samaria le Jerusalema:


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ