Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Jothame yena a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa ntatae Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:38
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.


Matsatsi ao Jeroboame e bileng morena ka wona, ya eba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi; a ntoo orohela ho bontatae, mme mora hae, Nadabe, ya eba morena tulong tsa hae.


Roboame a ntoo orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone. Abijame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


Tshiung tseo, Jehova a qala ho romela Juda Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, ho lwantsha Juda.


Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Peka, mora Remalia, Akase, mora Jothame, morena wa Juda, a qala ho busa.


Jorame a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Akasia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


mora wa hae ke Akase, mora wa hae ke Esekiase, mora wa hae ke Manasse,


Yaba Jothame o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, jwaloka Davida ntatae;


Osiase a tswala Jothame; Jothame a tswala Akase; Akase a tswala Esekiase;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ